Mareka 14:26-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.

27. Jesu a re ho bona: Bohle le tla kgoptjwa ho nna bosiung bona; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana.

28. Empa, etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.

29. Petrose a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa, haele nna, tjhe!

30. Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Wena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo.

31. Ebile Petrose o tlodisa puo, a re: Leha ho ka thwe, ke shwe le wena, nke ke ka ba ka o latola. Mme bohle ba rialo le bona.

32. Ba ya nqalong e bitswang Gethesemane. Jwale, a re ho barutuwa ba hae: Dulang mona, ke tle ke be ke rapele.

33. A ntoo ya le Petrose, le Jakobo, le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tsieleha.

34. A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ke maswabi a isang lefung; salang mona, mme le fadimehe.

35. A ya pejana, a wela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etswa, hora eo e mo fete.

36. O ne a re: Abba, Ntate! tsohle o ka di etsa; tlosa senwelo sena pela ka; empa, ho se ke ha etswa seo nna ke se ratang, ho etswe seo wena o se ratang.

Mareka 14