24. A re ho bona: Hona ke madi a ka, a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata.
25. Kannete ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se nwa se le setjha mmusong wa Modimo.
26. Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.
27. Jesu a re ho bona: Bohle le tla kgoptjwa ho nna bosiung bona; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana.
28. Empa, etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.
29. Petrose a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa, haele nna, tjhe!
30. Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Wena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo.
31. Ebile Petrose o tlodisa puo, a re: Leha ho ka thwe, ke shwe le wena, nke ke ka ba ka o latola. Mme bohle ba rialo le bona.
32. Ba ya nqalong e bitswang Gethesemane. Jwale, a re ho barutuwa ba hae: Dulang mona, ke tle ke be ke rapele.
33. A ntoo ya le Petrose, le Jakobo, le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tsieleha.
34. A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ke maswabi a isang lefung; salang mona, mme le fadimehe.