14. Moo a kenang teng, le bolelle monga ntlo, le re: Moruti o re: Ntlo e kae eo ke tla jela Paseka ho yona le barutuwa ba ka?
15. O tla le bontsha ntlo e kgolo, e kahodimo, e kgabisitsweng, e lokisitsweng; le re lokisetse hona teng.
16. Barutuwa ba hae ba tloha, ba kena motseng, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse; mme ba lokisa Paseka.
17. Ha e se e le ka shwalane, a ya teng le ba leshome le metso e mmedi.
18. Ha ba dutse ba eja, Jesu a re: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona, ya jang le nna, o tla nkeka.
19. Yaba ba qala ho swaba, le ho mmotsa e mong le e mong, ka ho re: A ke nna na? A ke nna na?
20. A araba, a re ho bona: Ke e mong wa ba leshome le metso e mmedi, yena ya kenyang letsoho le nna morifing.
21. Haele Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo, eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho le molemo ho motho eo, hola a se ke a tswalwa.
22. Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.
23. A ntoo nka senwelo, a leboha, a ba nea sona; mme ba nwela ho sona bohle.
24. A re ho bona: Hona ke madi a ka, a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata.
25. Kannete ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se nwa se le setjha mmusong wa Modimo.
26. Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.
27. Jesu a re ho bona: Bohle le tla kgoptjwa ho nna bosiung bona; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana.
28. Empa, etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.
29. Petrose a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa, haele nna, tjhe!