1. Matsatsi a ne a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka le mahobe a se nang ditomoso. Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.
2. Empa ba ne ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.
3. Yare ha a le Bethania, tlung ya Simone molepera, a dutse dijong, ha fihla mosadi ya nang le pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo sa nareda ya sebele, se theko e thata; a bolaya pitsa ya alebastera, a se tshela hloohong ya Jesu.
4. Ba bang ba itlhonamela, ba re: Tshenyeho eo ya setlolo e thusitseng?
5. athe se ka be se rekile didenare tse fetang makgolo a mararo, tsa newa bafumanehi. Ba itshena ho mosadi eo jwalo.
6. Empa Jesu a re: Mo leseng; le mo utlwisetsang bohloko? O nketseditse ketso e molemo.
7. Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, mme le tla tseba ho ba etsa hantle mohla le ratang; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.
8. O entse seo a neng a ka se etsa; o tlile pele ho tlotsetsa mmele wa ka ho epelwa.
9. Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena le sona se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.
10. Judase Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ya ho baprista ba baholo, a tle a ba neele Jesu.
11. Ha ba mo utlwa, ba thaba, mme ba mmalla hore ba tla mo nea ditjhelete. Jwale, a batla sebaka sa ho ba neela yena.