Mareka 13:24-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Empa mehleng eo, kamora mahlomola ao, letsatsi le tla fifala; kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona;

25. dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tse mahodimong di tla sisinyeha.

26. Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka maru, ka matla a maholo le ka kganya.

27. Ke moo a tla roma mangeloi a hae, le ho bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.

28. Ithuteng, ho lekanya ditaba ka sefate sa feiye. Lekala la sona ha le se le le bonolo, mme le se le hlahisa mahlaku, le tseba kahoo hobane lehlabula le haufi.

29. Ka mokgwa o jwalo, le lona, etlare ha le bona tseo di hlaha, le tsebe hoba Mora motho o haufi, o monyako.

30. Kannete ke re ho lona: Moloko wona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale.

31. Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.

32. Empa haele bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, leha e le Mora, haese Ntate feela.

33. Iponeleng, le fadimehe, mme le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.

34. Ho jwaloka motho ha a etile, a tlohetse ntlo ya hae, a neile bahlanka ba hae ditaelo tsa hae, a laetse e mong le e mong mosebetsi wa hae, mme a laetse molebedi wa monyako ho lebela.

35. Lebelang ke hona; hobane ha le tsebe mohla monga ntlo a tla tla, kapa mantsiboya, kapa bosiu bo boholo, kapa mokoko ha o lla, kapa kameso;

36. esere, ha a etla ka ho le tsometsa, a le fihlela le robetse.

37. Seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Lebelang!

Mareka 13