11. Mohla ba le hulang ho le isa kahlolong, le se ke la belaela pele ka seo le tla se bolela, mme le se ke la se nahana, empa seo le tla se newa nakong yona eo, le bolele sona; hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya o Halalelang.
12. Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, ntata motho a etse ngwana hae jwalo, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.
13. Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.
14. Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa lokelang — ya balang a lemohe — mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;
15. ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela tlung, a se ke a kena ho nka letho tlung ya hae;
16. le ya leng naheng, a se ke a kgutlela hae ho nka kobo ya hae.
17. Ho mpa ho tla ba madimabe basadi ba baimana le ba anyesang mehleng eo.
18. Hape, le rapele hore paleho ya lona e se hlahe mariha.
19. Hobane mehla eo e tla ba ya mahlomola ao ho esong ho ka ho bonwa a makalo haesa le tshimolohong ya hlolo, ha Modimo o ne o hlola dintho, ho fihlela jwale, mme ho ke ke ha eba teng a jwalo le ka mohla o le mong.
20. Le hojane Morena a sa ka a kgutshofatsa matsatsi ao, ekabeba ho ne ho ke ke ha phela motho; empa ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng, o kgutsofaditse matsatsi ao.
21. Mohlang oo, ha motho a re ho lona: Bonang, Kreste o mona, kapa: Bonang, o mane, le se ke la dumela.
22. Hobane ho tla hlaha Bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa dipontsho le mehlolo, ba tle ba thetse le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.
23. Lona, le iponele. Bonang, ke le boleletse tsohle pele.
24. Empa mehleng eo, kamora mahlomola ao, letsatsi le tla fifala; kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona;
25. dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tse mahodimong di tla sisinyeha.
26. Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka maru, ka matla a maholo le ka kganya.
27. Ke moo a tla roma mangeloi a hae, le ho bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.