Mareka 13:1-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. A re a sa tloha tempeleng, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Moruti, bona, ke majwe a makakang, le mehaho e mekakang!

2. Jesu a araba, a re ho yena: O a e bona mehaho e meholo eo? Ha ho ka ke ha leswa mona lejwe hodima lejwe le leng, le sa heletswang.

3. Yare ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, mabapa le tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, ba mmotsa kathoko, ba re: Re bolelle nako eo taba tseo di tla etsahala ka yona, mme pontsho ya mohla tseo tsohle di tla etsahala e tla ba eng?

5. Yaba Jesu o qala ho ba bolella, a re: Iponeleng hore le se ke la thetswa ke motho.

6. Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.

7. Mohla le utlwang dintwa le medumo ya dintwa, le se ke la tshoha; hobane e ka kgona hoo ho etsahale; empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.

8. Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditshisinyeho tsa lefatshe di tla ba teng ka nqa tse ngata, le ditlala di tla ba teng le meferefere.

9. Tseo ke qalo ya tlokotsi. Empa lona le iponele: hobane ba tla le isa makgotleng le masinagogeng; le tla otlwa, le emiswe pela babusisi le marena ka baka la ka, le tle le be dipaki ho bona.

10. E ka kgona Evangeli e bolelwe ditjhaba tsohle pele.

11. Mohla ba le hulang ho le isa kahlolong, le se ke la belaela pele ka seo le tla se bolela, mme le se ke la se nahana, empa seo le tla se newa nakong yona eo, le bolele sona; hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya o Halalelang.

12. Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, ntata motho a etse ngwana hae jwalo, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.

13. Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

14. Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa lokelang — ya balang a lemohe — mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;

15. ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela tlung, a se ke a kena ho nka letho tlung ya hae;

16. le ya leng naheng, a se ke a kgutlela hae ho nka kobo ya hae.

17. Ho mpa ho tla ba madimabe basadi ba baimana le ba anyesang mehleng eo.

18. Hape, le rapele hore paleho ya lona e se hlahe mariha.

Mareka 13