Mareka 11:7-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Jwale ba tlisa petsana ho Jesu; ba ala dikobo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.

8. Ebile ba bangata ba ala dikobo tsa bona tseleng, ba bang ba rema makala difateng, mme ba a ala tseleng.

9. Ba eteletseng pele le ba latelang ba ne ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!

10. Ho rokwe mmuso wa ntata rona Davida, o tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!

11. Jesu a kena Jerusalema le tempeleng; mme yare ha a qamakile kahohle, ha e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.

12. Yare ka hosasane, ha ba etswa Bethania, a lapa.

13. A bonela hole sefate sa feiye se nang le mahlaku, a ya ka ho re, mohlomong a ka fihlela ho hong ho sona; empa, ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho, haese mahlaku feela; hobane e ne e se nako ya difeiye.

14. A bua, a re ho sona: Ho qala jwale, ho se be motho ya sa tla hlola a eja tholwana tsa hao le ka ho sa feleng! Mme barutuwa ba hae ba utlwa.

15. Yaba ba fihla Jerusalema. Jesu, ha a kene tempeleng, a qala ho leleka ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.

16. O ne a sa dumelle motho ho feta ka tempeleng a jere phahlo.

17. Mme a ruta, a re ho bona: Ha ke re, ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle? athe lona, le e entse lehaha la mashodu!

18. Bangodi le baprista ba baholo ha ba utlwa a rialo, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng; hobane ba ne ba mo tshaba, kahobane setjhaba sohle se ne se tsota thuto ya hae.

19. Yare mantsiboya, a tswa motseng.

20. Hosasa, ha ba feta, ba bona sefate sela sa feiye se omeletse hohle, ho qala ka metso.

21. Yaba Petrose o elellwa, a re ho yena: Rabbi, bona sefate sa feiye seo o se rohakileng, se omeletse.

22. Jesu a araba, a re ho bona: Le be le tumelo ho Modimo.

23. Hobane kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, a sa belaele pelong ya hae, a mpa a dumela hoba tseo a di bolelang di ka etswa, o tla etsetswa tsona.

24. Ka baka leo, ke re ho lona: Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, dumelang hoba le se bone, mme se tla ba ho lona.

25. Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.

26. Hobane ekare ha le sa tshwarele ba bang, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.

Mareka 11