7. Jwale ba tlisa petsana ho Jesu; ba ala dikobo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.
8. Ebile ba bangata ba ala dikobo tsa bona tseleng, ba bang ba rema makala difateng, mme ba a ala tseleng.
9. Ba eteletseng pele le ba latelang ba ne ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!
10. Ho rokwe mmuso wa ntata rona Davida, o tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!
11. Jesu a kena Jerusalema le tempeleng; mme yare ha a qamakile kahohle, ha e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.
12. Yare ka hosasane, ha ba etswa Bethania, a lapa.
13. A bonela hole sefate sa feiye se nang le mahlaku, a ya ka ho re, mohlomong a ka fihlela ho hong ho sona; empa, ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho, haese mahlaku feela; hobane e ne e se nako ya difeiye.
14. A bua, a re ho sona: Ho qala jwale, ho se be motho ya sa tla hlola a eja tholwana tsa hao le ka ho sa feleng! Mme barutuwa ba hae ba utlwa.
15. Yaba ba fihla Jerusalema. Jesu, ha a kene tempeleng, a qala ho leleka ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.
16. O ne a sa dumelle motho ho feta ka tempeleng a jere phahlo.
17. Mme a ruta, a re ho bona: Ha ke re, ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle? athe lona, le e entse lehaha la mashodu!
18. Bangodi le baprista ba baholo ha ba utlwa a rialo, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng; hobane ba ne ba mo tshaba, kahobane setjhaba sohle se ne se tsota thuto ya hae.
19. Yare mantsiboya, a tswa motseng.