3. Ha motho a re ho lona: Le etsetsang jwalo? Le re: Morena o a e hloka; mme o tla be a phakise a e romele kwano.
4. Yaba ba ya, ba fumana petsana e holehilwe monyako, kantle, mateanong a tsela tse pedi; mme ba e lokolla.
5. Ba bang ho ba emeng moo, ba re ho bona: Ha le lokolla petsana eo, ke ho etsang na?
6. Ba ba bolella jwalokaha Jesu a ba laetse; mme ba ba lesa, ba ya.
7. Jwale ba tlisa petsana ho Jesu; ba ala dikobo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.
8. Ebile ba bangata ba ala dikobo tsa bona tseleng, ba bang ba rema makala difateng, mme ba a ala tseleng.
9. Ba eteletseng pele le ba latelang ba ne ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!
10. Ho rokwe mmuso wa ntata rona Davida, o tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!
11. Jesu a kena Jerusalema le tempeleng; mme yare ha a qamakile kahohle, ha e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.
12. Yare ka hosasane, ha ba etswa Bethania, a lapa.
13. A bonela hole sefate sa feiye se nang le mahlaku, a ya ka ho re, mohlomong a ka fihlela ho hong ho sona; empa, ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho, haese mahlaku feela; hobane e ne e se nako ya difeiye.
14. A bua, a re ho sona: Ho qala jwale, ho se be motho ya sa tla hlola a eja tholwana tsa hao le ka ho sa feleng! Mme barutuwa ba hae ba utlwa.