Mareka 11:25-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.

26. Hobane ekare ha le sa tshwarele ba bang, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.

27. Ba boela ba tla Jerusalema; mme ha a itsamaela tempeleng, ha tla ho yena baprista ba baholo, le bangodi, le baholo;

28. ba re ho yena: Ntho tseo o di etsa ka matla afe na? Matla ao o a neilwe ke mang, ha o etsa ntho tseo?

29. Jesu a mpa a re ho bona: Ke tla le botsa taba e le nngwe le nna; le nkarabe; ke tla ntoo le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.

30. Kolobetso ya Johanne hleka e ne e tswa lehodimong, kapa bathong na? Nkarabeng.

31. Mme ba eletsana hammoho, ba re: Ha re re: E ne e tswa lehodimong, o ya re: Ha ho le jwalo, ha le a ka la e dumela keng?

32. Ha re re: E ne e tswa bathong, — teng ba ne ba tshaba setjhaba, hobane bohle ba ne ba re, Johanne ke moporofeta wa sebele.

33. Yaba ba araba, ba re ho Jesu: Ha re tsebe. Jesu a re ho bona: Le nna, nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.

Mareka 11