Mareka 11:13-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. A bonela hole sefate sa feiye se nang le mahlaku, a ya ka ho re, mohlomong a ka fihlela ho hong ho sona; empa, ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho, haese mahlaku feela; hobane e ne e se nako ya difeiye.

14. A bua, a re ho sona: Ho qala jwale, ho se be motho ya sa tla hlola a eja tholwana tsa hao le ka ho sa feleng! Mme barutuwa ba hae ba utlwa.

15. Yaba ba fihla Jerusalema. Jesu, ha a kene tempeleng, a qala ho leleka ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.

16. O ne a sa dumelle motho ho feta ka tempeleng a jere phahlo.

17. Mme a ruta, a re ho bona: Ha ke re, ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle? athe lona, le e entse lehaha la mashodu!

18. Bangodi le baprista ba baholo ha ba utlwa a rialo, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng; hobane ba ne ba mo tshaba, kahobane setjhaba sohle se ne se tsota thuto ya hae.

19. Yare mantsiboya, a tswa motseng.

20. Hosasa, ha ba feta, ba bona sefate sela sa feiye se omeletse hohle, ho qala ka metso.

21. Yaba Petrose o elellwa, a re ho yena: Rabbi, bona sefate sa feiye seo o se rohakileng, se omeletse.

22. Jesu a araba, a re ho bona: Le be le tumelo ho Modimo.

23. Hobane kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, a sa belaele pelong ya hae, a mpa a dumela hoba tseo a di bolelang di ka etswa, o tla etsetswa tsona.

24. Ka baka leo, ke re ho lona: Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, dumelang hoba le se bone, mme se tla ba ho lona.

25. Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.

26. Hobane ekare ha le sa tshwarele ba bang, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.

27. Ba boela ba tla Jerusalema; mme ha a itsamaela tempeleng, ha tla ho yena baprista ba baholo, le bangodi, le baholo;

28. ba re ho yena: Ntho tseo o di etsa ka matla afe na? Matla ao o a neilwe ke mang, ha o etsa ntho tseo?

29. Jesu a mpa a re ho bona: Ke tla le botsa taba e le nngwe le nna; le nkarabe; ke tla ntoo le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.

30. Kolobetso ya Johanne hleka e ne e tswa lehodimong, kapa bathong na? Nkarabeng.

31. Mme ba eletsana hammoho, ba re: Ha re re: E ne e tswa lehodimong, o ya re: Ha ho le jwalo, ha le a ka la e dumela keng?

32. Ha re re: E ne e tswa bathong, — teng ba ne ba tshaba setjhaba, hobane bohle ba ne ba re, Johanne ke moporofeta wa sebele.

Mareka 11