44. mme ya ratang ho ba wa pele hara lona e tla ba mofo wa bohle;
45. hobane le yena Mora motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
46. Ba fihla Jeriko. Jesu ha a etswa Jeriko le barutuwa ba hae, a ena le bongata bo boholo, Bartimea, mora Timea, wa sefofu, o ne a dutse pela tsela, a kopa.
47. Ha a utlwa hoba ke Jesu wa Nasaretha, a qala ho howa le ho re: Oho, mora Davida, Jesu, nkutlwele bohloko!
48. Ba bangata ba mo kgalemela, ba re, a kgutse; a mpa a aketsa a howa, a re: Mora Davida, nkutlwele bohloko!
49. Jesu a ema, a re, a bitswe. Yaba ba bitsa sefofu, ba re ho sona: Kgothahala, o eme, o a o bitsa.
50. Yaba se lahla kobo ya sona, sa ema, sa tla ho Jesu.
51. Jesu a bua, a re ho sona: O rata ha ke o etsetsang? Sefofu sa re ho yena: Rabboni, a nke ke boele ke bone.
52. Jesu a re ho sona: Eya, tumelo ya hao e o pholositse. Sa bona hang, sa ba sa latela Jesu tseleng.