37. Ba re ho yena: Re nee hore re dule kganyeng ya hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letshehadi.
38. Empa Jesu a re ho bona: Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na?
39. Ba re ho yena: Re ka tseba. Yaba Jesu o re ho bona: Efela le tla nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona.
40. Empa haele ho dula letsohong la ka le letona, leha e le ho le letshehadi, ha ke na ho ho nea, ho mpa ho boloketswe ba ho lokiseditsweng.
41. Ba leshome ha ba utlwa taba eo, ba qala ho hlonamela Jakobo le Johanne.
42. Empa Jesu, yare ha a ba bileditse ho yena, a re ho bona: Le a tseba hobane ba nang le lebitso la marena a ditjhaba ba di busa, mme ba baholo ba bona ba na le puso e thata hodima tsona.
43. Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa ya ratang ho ba moholo hara lona, e tla ba mohlanka wa lona;
44. mme ya ratang ho ba wa pele hara lona e tla ba mofo wa bohle;
45. hobane le yena Mora motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
46. Ba fihla Jeriko. Jesu ha a etswa Jeriko le barutuwa ba hae, a ena le bongata bo boholo, Bartimea, mora Timea, wa sefofu, o ne a dutse pela tsela, a kopa.
47. Ha a utlwa hoba ke Jesu wa Nasaretha, a qala ho howa le ho re: Oho, mora Davida, Jesu, nkutlwele bohloko!
48. Ba bangata ba mo kgalemela, ba re, a kgutse; a mpa a aketsa a howa, a re: Mora Davida, nkutlwele bohloko!