24. Barutuwa ba makala ke polelo tsa hae. Empa Jesu a boela a bua, a re ho bona: Bana, ho thata hakakang ho ba tshepileng maruo ho kena mmusong wa Modimo!
25. Ho ka ba bonolo ha kamele e feta ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.
26. Jwale ho tsota ha bona ha eketseha; ba botsana, ba re: Homme ho ka bolokeha mang?
27. Jesu a ba shadima, a re: Ke ntho e sitang batho, empa ha e site Modimo; hobane Modimo tsohle o ka di etsa.
28. Yaba Petrose o bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse.
29. Jesu a araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ho motho ya ka tlohelang ntlo, kapa banababo, leha e le bokgaitsedie, kapa ntatae, leha e le mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la ka le la Evangeli,
30. ya ke keng a newa ha lekgolo, jwale, mehleng ena, matlo, le banababo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le dihloriso; mme mehleng e tla tla, a newe bophelo bo sa feleng.
31. Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, mme ba morao e tla ba ba pele.
32. Ba ne ba le tseleng, ba nyolohela Jerusalema, Jesu a ntse a ba eteletse pele; ba ne ba tshohile, ba mo latela ba ntse ba tshaba. A boela a ya thoko le ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba bolella tse tla mo hlahela,
33. a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba mo neele baditjhaba.
34. Ba tla mo soma, ba mo shape, ba mo tshwele ka mathe, ba mmolaye; mme o tla be a tsohe ka tsatsi la boraro.
35. Ha tla ho yena Jakobo le Johanne, bara ba Sebedea, ba re: Moruti, re rata ha o ka re etsetsa seo re tla se kopa.
36. A re ho bona: Le rata ha ke le etsetsang?
37. Ba re ho yena: Re nee hore re dule kganyeng ya hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letshehadi.
38. Empa Jesu a re ho bona: Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na?