Mareka 10:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ka tlung, barutuwa ba hae ba boela ba mmotsa hodima taba eo.

11. A re ho bona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, mme a nyala e mong, o a mo feba.

12. Le mosadi ha a hlala monna wa hae, a nyalwa ke e mong, o a feba.

13. Yaba o tlisetswa bana, hore a ba ame; barutuwa ba hae ba ne ba kgalemela ba ba tlisang.

14. Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.

15. Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.

16. Mme ha a ba sikile, a ba bea matsoho hodimo, a ba hlohonolofatsa.

17. Ha a tswela tseleng, e mong a mo mathela, a kgumama ka mangwele pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsang ke tle ke rue lefa la bophelo bo sa feleng?

18. Jesu a re ho yena: O mpiletsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese a le mong, e leng Modimo.

19. O tseba melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa ja tsa e mong, hlonepha ntatao le mmao.

20. Eo a araba, a re ho yena: Moruti, tseo tsohle ke di bolokile haesale le bonyenyaneng ba ka.

21. Jesu ha a mo shadima, a mo rata, mme a re ho yena: O hloka ntho e le nngwe: Tsamaya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o di fe bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele o ipelesitse sefapano.

22. Eo a mpa a hlajwa ke polelo eo, a ikela a swabile; hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.

23. Jesu a qamaka, a re ho barutuwa ba hae: Ho ya ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!

Mareka 10