1. Jesu ha a tloha moo, a ya meeding ya Judea, mose ho Jordane; bongata ba boela ba bokana ho yena, mme a boela a ba ruta jwalokaha e ne e le mokgwa wa hae.
2. Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ka ho mo leka, hore na monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae.
3. A ba araba, a re: Moshe o le laetseng?
4. Ba re: Moshe o dumetse hoba lengolo la hlalo le ngolwe, mme ho hlalwe.
5. Jesu a ba araba, a re: O le ngoletse taelo eo ka baka la bothata ba dipelo tsa lona.
6. Empa tshimolohong ya hlolo ya dintho tsohle, Modimo o ba entse e le e motona le e motshehadi.
7. Ka baka leo, motho o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae;
8. ba babedi e tla ba nama e le nngwe. Ha ho le jwalo, ha ba sa le babedi, e se e le nama e le nngwe.
9. Ka baka leo, seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.
10. Ka tlung, barutuwa ba hae ba boela ba mmotsa hodima taba eo.
11. A re ho bona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, mme a nyala e mong, o a mo feba.
12. Le mosadi ha a hlala monna wa hae, a nyalwa ke e mong, o a feba.
13. Yaba o tlisetswa bana, hore a ba ame; barutuwa ba hae ba ne ba kgalemela ba ba tlisang.
14. Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.