9. Mehleng eo, Jesu a tswa Nasaretha, motse wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane.
10. A re a sa tswa metsing, a bona lehodimo le phetlwa, mme Moya o theohela hodima hae o ka leeba.
11. Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
12. Yaba Moya o phakisa o kgannela Jesu feelleng.
13. A nna a ba feelleng ka matsatsi a mashome a mane, a lekwa ke Satane; o ne a le hara dibatana, mme mangeloi a ne a mo sebeletsa.
14. Hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;
15. a re: Nako di phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.
16. Yare ha a sika le lewatle la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.
17. Jesu a re ho bona: Ntateleng, ke tla le etsa ba tshwasang batho.
18. Yaba ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.
19. A tswela pejana, a fihlela Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba rokahanya matlowa a bona sekepaneng.