Mareka 1:29-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Nakong eo, Jesu a tswa sinagogeng, a ya le Jakobo le Johanne tlung ya Simone le Andrease.

30. Mohwehadi wa Simone o ne a robetse malaong, a jewa ke febere, mme ba phakisa ba mmolela ho Jesu.

31. Jesu a atamela, a mo tshwara ka letsoho, mme a mo tsosa; yaba febere e mo tlohela kapele, a ba a ba sebeletsa.

32. Yare mantsiboya, ha tsatsi le dikela, ha tliswa ho Jesu bohle ba seng monate le ba nang le batemona.

33. Motse kaofela wa bokana pela monyako.

34. A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.

35. Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.

36. Mme Simone le ba nang le yena ba ya mmatla.

37. Yare ha ba mmona, ba mmolella, ba re: Bohle ba o batla.

38. Jesu a re ho bona: A re yeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona.

39. A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.

Mareka 1