22. Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.
23. Sinagogeng ya bona, motho o ne a le teng ya kenweng ke moya o ditshila; a howa,
24. a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo.
25. Jesu a kgalemela moya oo, a re: Kgutsa, o tswe mothong eo.
26. Yaba moya o ditshila o a mo sisinya, o ntse o howa ka lentswe le leholo, wa ntoo tswa ho yena.
27. Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.
28. Mme lebitso la Jesu la phakisa la tuma ka nqa tsohle naheng ya Galelea.
29. Nakong eo, Jesu a tswa sinagogeng, a ya le Jakobo le Johanne tlung ya Simone le Andrease.
30. Mohwehadi wa Simone o ne a robetse malaong, a jewa ke febere, mme ba phakisa ba mmolela ho Jesu.
31. Jesu a atamela, a mo tshwara ka letsoho, mme a mo tsosa; yaba febere e mo tlohela kapele, a ba a ba sebeletsa.
32. Yare mantsiboya, ha tsatsi le dikela, ha tliswa ho Jesu bohle ba seng monate le ba nang le batemona.
33. Motse kaofela wa bokana pela monyako.
34. A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.
35. Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.
36. Mme Simone le ba nang le yena ba ya mmatla.
37. Yare ha ba mmona, ba mmolella, ba re: Bohle ba o batla.
38. Jesu a re ho bona: A re yeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona.
39. A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.
40. Motho ya jewang ke lepera a tla ho Jesu, a mo rapela, a kgumama ka mangwele pela hae, a re: Ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.
41. Jesu a mo utlwela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata, o ntlafale.