Mareka 1:2-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Jwalokaha ho ngodilwe ke moporofeta Esaia, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o etella pele ho o lokisetsa tsela;

3. lentswe la ya howang feelleng le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.

4. Johanne o ne a le feelleng, a kolobetsa, a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe.

5. Batho bohle ba naha ya Judea le ba Jerusalema, ba ne ba tswela ho yena, mme ba ne ba kolobetswa bohle ke yena nokeng ya Jordane, ba ntse ba ipolela dibe.

6. Johanne o ne a apere boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo, a eja ditsie le dinotshi tsa naha.

7. O ne a bolela, a re: Ho sa tla kamorao ho nna e mong ya mphetang kamatla, eo ke sa lokelang ho inama pela hae ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae.

8. Haele nna ke le kolobeditse ka metsi, empa yena, o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.

9. Mehleng eo, Jesu a tswa Nasaretha, motse wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane.

10. A re a sa tswa metsing, a bona lehodimo le phetlwa, mme Moya o theohela hodima hae o ka leeba.

11. Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.

12. Yaba Moya o phakisa o kgannela Jesu feelleng.

13. A nna a ba feelleng ka matsatsi a mashome a mane, a lekwa ke Satane; o ne a le hara dibatana, mme mangeloi a ne a mo sebeletsa.

14. Hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;

15. a re: Nako di phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.

16. Yare ha a sika le lewatle la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.

17. Jesu a re ho bona: Ntateleng, ke tla le etsa ba tshwasang batho.

Mareka 1