Mareka 1:18-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Yaba ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.

19. A tswela pejana, a fihlela Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba rokahanya matlowa a bona sekepaneng.

20. Yaba o phakisa a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea sekepaneng le ba mo sebeletsang, mme ba mo latela.

21. Ba kena Kapernauma; yare ka tsatsi la Sabatha, Jesu a kena sinagogeng a ruta.

22. Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.

23. Sinagogeng ya bona, motho o ne a le teng ya kenweng ke moya o ditshila; a howa,

24. a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo.

25. Jesu a kgalemela moya oo, a re: Kgutsa, o tswe mothong eo.

26. Yaba moya o ditshila o a mo sisinya, o ntse o howa ka lentswe le leholo, wa ntoo tswa ho yena.

27. Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.

28. Mme lebitso la Jesu la phakisa la tuma ka nqa tsohle naheng ya Galelea.

Mareka 1