Malakia 4:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Empa haele lona ba tshabang lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseding a lona; le tla tswa, le be le thale jwaloka manamane a nontshitsweng.

3. Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla.

4. Hopolang molao wa Moshe, mohlanka wa ka, oo ke o laeletseng Baiseraele bohle ka yena, Horebe, e leng molao le ditaelo.

5. Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.

6. O tla busetsa dipelo tsa bontate ho bara ba bona, le pelo tsa bara ho bontata bona, hore ke se tshohe ke etla, mme ka otla lefatshe ka ho le timeletsa.

Malakia 4