1. Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.
2. Empa ke mang ya ka mamellang letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ya ka emang ho hlaheng ha hae? Hobane o jwaloka mollo wa moqhibidisi, le jwaloka sesepa sa bahlatswi.
3. O tla dula, a ntse a qhibidisa, a hlwekisa silefera; o tla hlwekisa bara ba Levi, a ba tsheke jwaloka kgauta le jwaloka silefera, mme ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka.
4. Sehlabelo sa Juda le sa Jerusalema se tla kgahlisa Jehova, jwaloka mehleng ya kgale, le jwaloka mengwaheng ya boholoholo.
5. Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.
6. Hobane, nna Jehova, ha ke a fetoha, ke moo lona, bara ba Jakobo, le sa kang la timela.
7. Haesale mehleng ya bontata lona, la kgeloha ditaelo tsa ka, mme ha le a ka la di boloka; kgutlelang ho nna, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla. Mme le re: Re kgutle ho eng?
8. Na motho ha a tshabe ho thetsa Modimo, haele moo lona le nthetsa? Mme le re: Re o thetsa ho eng? Ke karolong ya leshome ya tseo le di ruileng le seabong.
9. Le rohakilwe ka thohako; ke nna eo le mo thetsang, lona setjhaba kaofela!
10. Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!
11. Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla.