Malakia 2:12-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Tlung ya motho ya etsang jwalo, Jehova o tla kgaola ditenteng tsa Jakobo ya fadimehang, le ya arabang, le ya hlahisang sehlabelo ho Jehova wa makgotla.

13. Hape, ke ena ya bobedi eo le e etsang: le tlatsa aletare ya Jehova ka meokgo, ka dillo, le ka mefehelo, o bile ha a sa hlokomela sehlabelo sa lona le ho kgahlwa ke se tswang matsohong a lona.

14. Mme le re: Ke ka baka lang? Ke kahobane Jehova ke paki mahareng a hao le mosadi wa botjha ba hao, eo o entseng ho yena ka bolotsana, athe ke molekane wa hao le mosadi wa selekane sa hao.

15. Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.

16. Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele; ya hlalang o apesa kobo ya hae ka bokgopo, ho bolela Jehova wa makgotla. Iponeleng hle meyeng ya lona, le se ke la etsa ka bolotsana.

17. Le kgathatsa Jehova ka mantswe a lona, mme le re: Re mo kgathatsa kang? ... Ke ha le re: E mong le e mong ya etsang hampe o molemo mahlong a Jehova, mme ke bona bao a kgahlwang ke bona! kapa ha le re: O kae Modimo wa kahlolo?

Malakia 2