1. Mme jwale, taelo ena e tla ho lona, baprista!
2. Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.
3. Bonang, ke tla senya dijalo tsa lona, ke akgele bolokwe difahlehong tsa lona, e leng bolokwe ba ntho tse hlabelwang mekete ya lona, mme ba tla le lahlela kantle le jona.
4. Mme le tla tseba hobane ke rometse taelo eo ho lona, hore ho tiye selekane sa ka le Levi, ho bolela Jehova wa makgotla.
5. Selekane sa ka le yena e be e le bophelo le kgotso, mme ke re, ke ne ke mo neile tsona hore a ntshabe; a fela a ntshaba, a ba a thothomela pela lebitso la ka.
6. Molao wa nnete o ne o le molomong wa hae, bolotsana bo ne bo sa fumanwe molomong wa hae; o ne a tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, o bile a kgutlisa ba bangata bokgopong.
7. Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.