Luka 9:5-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Haele bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole la dieta tsa lona, e be bopaki ho bona.

6. Yaba ba tswa, ba ya le metse le metsana, ba bolela Evangeli, ba fodisa batho kahohle.

7. Heroda moteterareke a utlwa tsohle tse entsweng ke Jesu, mme a tsieleha, hobane ba bang ba ne ba re: Johanne o tsohile bafung,

8. ba bang ba re: Elia o hlahile; mme ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.

9. Empa Heroda o ne a re: Haele Johanne ke mo kgaotse hlooho, nna; mme jwale, eo ke mang eo ke utlwang ditaba tse kalo hodima hae? Mme o ne a rata a ka mmona.

10. Yare ha baapostola ba kgutlile, ba bolella Jesu tsohle tseo ba di entseng; mme a ba nka le yena, a ya le bona kathoko, lefeelleng le bapileng le motse o bitswang Bethsaida.

11. Eitse hobane batho ba tsebe, ba mo latela. Jesu a ba amohela, a ba bolella taba tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba batlang phodiso.

12. Letsatsi ha le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: Kgutlisa bongata, ba tle ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, mme ba bone dijo teng, hobane mona re feelleng.

Luka 9