Luka 9:19-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang: O Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re: O Elia; empa ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.

20. A re ho bona: Lona, le re ke mang? Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste wa Modimo.

21. A mpa a ba laya haholo, hore ba se ke ba bolella motho jwalo;

22. a re: E ka kgona Mora motho a utlwe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le ke bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha bafung ka letsatsi la boraro.

23. A ba a bolella bohle, a re: Ekare ha e mong a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntshale morao.

24. Hobane ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya timellwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, ke yena ya tla bo boloka.

25. Molemo ho motho e ka ba eng, leha a rua lefatshe kaofela, ha a itimetsa, leha a itahla?

26. Hobane e mong le e mong ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka ditaba tsa ka, Mora motho le yena o tla mo hlabelwa ke dihlong, mohla a tlang ka kganya ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.

Luka 9