Luka 8:10-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.

11. Jwale, setshwantsho ke sena: Dijalo, ke lentswe la Modimo;

12. ba pela tsela ke ba utlwang; hamorao, Diabolose o a tle, a hlakole lentswe dipelong tsa bona, hore ba se ke ba dumela, le ho bolokeha.

13. Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.

14. Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.

15. Mme tse wetseng mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka dipelo tse ntle, tse molemo; ba le boloka, mme ba beha dijo ka tiisetso.

16. Ha ho motho, ekareng ha a hoteditse lebone, ya le kwahelang ka pitsa, leha e le ho le bea tlasa malao; empa o le hloma kandelareng, hore ba kenang ba bone lesedi.

17. Hobane ha ho letho le sephiring, le sa tlo ka le bonahala, mme ha ho letho le patilweng, le sa tlo ka le tsejwa le ho hlahela pepeneng.

18. Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.

Luka 8