4. Ha ba fihla ho Jesu, ba mo rapela ka matla, ba re: O tshwanelwa ke ho rapela ka matla, ba re: O tshwanelwa ke ho etswa jwalo ke wena;
5. hobane o rata setjhaba sa rona, e bile ke yena ya re hahetseng sinagoge.
6. Yaba Jesu o ya le bona. Ha a se a le haufi le ntlo, molaodi wa lekgolo a roma metswalle ya hae ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa ikgathatsa; hobane ha ke a tshwanela hore o kene tlung ya ka.
7. Ke ka baka leo ke itekantseng ya sa tshwaneleng ho ya ho wena; o mpe o bue polelo, mme mohlanka wa ka o tla fola.
8. Hobane le nna, ke leng motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; ha ke re ho e mong: Eya, o a ye: Le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.
9. Eitse ha Jesu a utlwa taba tseo, a mo tsota; mme a retelehela ho bongata bo mo latetseng, a re: Ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.
10. Ba neng ba romilwe, yare ha ba kgutletse hae, ba fihlela mohlanka ya neng a kula, a se a fodile.
11. Yare ka tsatsi le hlahlamang, a etela motseng o bitswang Naine; barutuwa ba bangatanyana ba hae ba ne ba mo latela le bongata bo boholo ba batho.
12. Yare ha a atamela kgoro ya motse, ha bo ho jerwe mofu, ngwana ya nnotshi wa mmae, le hona mosadi eo e le mohlolohadi; o ne a latetswe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.
13. Eitse ha Morena a mmona, a mo utlwela bohloko, a ba a re ho yena: Se lle.
14. Mme a atamela, a ama mojaro wa mofu. Yaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!
15. Yaba mofu o a dula, a qala ho bua; mme Jesu a mo nea mmae.
16. Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.
17. Taba eo a bolelwang ka yona ya tuma Judea yohle le naheng yohle e kamathoko.