Luka 7:38-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

38. A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.

39. Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.

40. Jesu a mo araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke o bolellang sona. A re: Bua, moruti.

41. Morui o ne a le teng ya nametsweng ke batho ba le babedi; e mong o ne a namile ka didenare tse makgolo a mahlano, e mong ka tse mashome a mahlano.

42. Yare ha ba hloka seo ba ka lefang ka sona, a ba tlohella molato ba babedi. Ako bolele hore ke ofe ho bona ya tla mo rata haholo.

43. Simone a mo araba, a re: Nka re: Ke ya tloheletsweng ho hoholo. Jesu a re ho yena: O ahlotse hantle.

44. Yaba o retelehela ho mosadi, a re ho Simone: Mosadi enwa o a mmona na? Ke kene tlung ya hao, mme ha o a ka wa nnea metsi ho itlhatswa maoto; empa enwa o kolobisitse maoto a ka ka meokgo, o a hlakotse ka moriri wa hlooho ya hae.

45. Ha o a ka wa nkaka; empa enwa, esale a kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka.

Luka 7