Luka 7:25-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Le mpa le ne le ile ho bonang na? A e ne e le motho ya apereng dikobo? A e ne e le motho ya apereng dikobo tse bonolo na? Bonang ba apereng dikobo tsa bokgabane, ba iphepang ka tse monate, ba matlung a marena.

26. Ana le ne le ile ho bonang na? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lona, le hona e le ya fetisang moporofeta.

27. Ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha ho thwe: Bona, ke roma pela sefahleho sa hao lenqosa la ka, le tla lokisa tsela pela hao.

28. Ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi, moporofeta e moholo ho Johanne Mokolobetsi ha a yo. Feela, e monyenyane mmusong wa Modimo o moholo yo Yena.

29. Bohle ba mo utlwileng le balekgetho, ha ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne, ba tlotlisitse ho loka ha Modimo.

30. Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena.

31. Yaba Morena o re: Batho ba moloko wona ke tla ba lekanya le eng? ba tshwana le eng?

32. Ba tshwana le bana ba dutseng lepatlelong, ba howanang, ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.

33. Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: O na le motemona.

34. Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme le re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe.

35. Empa bohlale bo ipaketswe ke bana ba jona bohle.

36. Mofarisi e mong a mo rapela hore a tle ho ja le yena, mme Jesu a kena ka tlung ya mofarisi, a dula dijong.

37. Mme bonang, mosadi wa motse, eo e neng e le moetsadibe, yare ha a utlwa hobane o dutse dijong tlung ya mofarisi, a tlisa pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo.

38. A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.

Luka 7