Luka 7:19-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Yaba Johanne o bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba romela ho Jesu, a re: Nake wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?

20. Banna bao, ha ba fihla ho yena, ba re: Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: Na ke wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?

21. Ka yona nako eo, Jesu o ne a fodisa ba bangata malwetse, le mafu a bona, le meya e mebe, mme ba bangata ba neng ba foufetse o ne a ba sitsa ka pono.

22. Yaba Jesu o araba, a re ho bona: Eyang, le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme Evangeli e bolellwa mafutsana.

23. Mme ho lehlohonolo ya sa tlo ka a kgoptjwa ho nna.

24. Eitse hobane ba romilweng ke Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella bongata bakeng sa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang feelleng? A e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?

25. Le mpa le ne le ile ho bonang na? A e ne e le motho ya apereng dikobo? A e ne e le motho ya apereng dikobo tse bonolo na? Bonang ba apereng dikobo tsa bokgabane, ba iphepang ka tse monate, ba matlung a marena.

26. Ana le ne le ile ho bonang na? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lona, le hona e le ya fetisang moporofeta.

27. Ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha ho thwe: Bona, ke roma pela sefahleho sa hao lenqosa la ka, le tla lokisa tsela pela hao.

28. Ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi, moporofeta e moholo ho Johanne Mokolobetsi ha a yo. Feela, e monyenyane mmusong wa Modimo o moholo yo Yena.

29. Bohle ba mo utlwileng le balekgetho, ha ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne, ba tlotlisitse ho loka ha Modimo.

Luka 7