Luka 6:44-48 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

44. Efela sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Hobane difeiye di ke ke tsa kgolwa meutlweng, le morara o ke ke wa kgolwa dibajweng.

45. Motho ya molemo o ntsha ditaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme motho e mobe o ntsha ditaba tse mpe letlotlong le lebe la pelo ya hae; hobane molomo wa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.

46. Na le mpiletsang Morena! Morena! kanthe ha le etse tseo ke di bolelang?

47. E mong le e mong ya tlang ho nna, ya utlwang dipolelo tsa ka, mme a di etsa, ke tla le lekanyetsa eo a tshwanang le yena.

48. O tshwana le motho ya hahang ntlo, eo, eitseng ha a tjheka moralo, a o etsa sekoti, a e thea letlapeng; yare sekgohola ha se etla, phororo ya otla ntlo eo, empa e se ke ya e sisinya, kahobane e theilwe letlapeng.

Luka 6