Luka 6:22-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho.

23. Mohlang oo, le thabe, le nyakalle, hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; le bontata bona ba ne ba etsa baporofeta jwalo.

24. Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le bone tshediso ya lona.

25. Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla lla, le be le bokolle.

26. Ho madimabe lona, mohla batho bohle ba le rorisang, hobane bontata bona ba ne ba etsa baporofeta ba bohata jwalo.

27. Empa ke re ho lona ba mamelang: Ratang bao e leng dira ho lona; ba le hloyang le ba etse hantle.

28. Hlohonolofatsang le ba le rohakang, mme le rapelle ba le tsohelang matla.

29. Ya o jabelang lerama, o mo sekehele le leng; ya o amohang kobo, o se ke wa mo hanela le kojwana.

30. Nea e mong le e mong ya qelang ho wena, mme ha motho a o hlakotse tsa hao, o se ke wa boela wa di lata ho yena.

31. Jwalokaha le rata ho etswa ke batho, ba etseng jwalo le lona.

32. Hobane ekare ha le rata ba le ratang, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba rata ba ba ratang.

33. Ekare ha le etsa hantle ba le etsang hantle, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba etsa jwalo.

34. Ha le adimana le bao le tshepang hoba le tla boela le nke ho bona, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba adimana le baetsadibe, ba tle ba boele ba nke ho lekanang le ha bona.

35. Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.

36. Mme jwale, ebang lereko, jwalokaha Ntata lona le yena a le lereko.

37. Hape, se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; le se ke la tswa, le tle le se ke la tsuwa; rekolohelang, mme le tla rekolohelwa;

38. fanang, mme le tla fuwa; le tla felwa sefubeng ka tekanyo e kgolo, e hlohlilweng, e katilweng, e tsholohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanngwa ka yona le lona.

39. A ba bolella setshwantsho, a re: Na sefofu se ka tsamaisa sefofu se seng na? Di ke ke tsa wela sekoting tse pedi na?

40. Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae; empa morutuwa e mong le e mong ya phethehileng o tla ba jwaloka moruti wa hae.

41. Na o tadimelang lehlokwana le leihlong la ngwaneno, athe ha o lemohe tshiya e ka leihlong la hao?

42. Kapa o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Ngwaneso, ntumelle, ke ntshe lehlokwana le leihlong la hao, kanthe wena, ha o tadime tshiya e leihlong la hao? Moikaketsi, qala ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana le leihlong la ngwaneno.

Luka 6