1. Ka Sabatha e bitswang ya bobedi ho ya pela, Jesu o ne a feta hara masimo; barutuwa ba hae ba ekga diqwapi, mme ba di hohla diatleng tsa bona, ba di ja.
2. Bafarisi ba bang ba re ho bona: Le etsetsang ho sa dumellwang ho etswa ka Sabatha?
3. Yaba Jesu o ba araba, a re: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena,
4. kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a nka mahobe a pontsha, a a ja, a nea le ba nang le yena, leha a sa lokele ho jewa ke motho, haese ke baprista ba nnotshi?
5. A ba a re ho bona: Mora motho ke morena le wa Sabatha.
6. Ka Sabatha e nngwe hape, o ne a kene sinagogeng, a ruta; mme motho o ne a le teng, ya letsoho le letona le omeletseng.
7. Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona.
8. Empa o ne a tseba mehopolo ya bona, a ba a re ho motho ya letsoho le omeletseng: Tsoha, o eme hare. Yaba o tsoha, a ema.
9. Jwale, Jesu a re ho bona: Ha nke ke le botse taba. Na haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho, kapa ho mmolaya, ho loketseng Sabatha ke hofe na?
10. Eitse hobane a ba habanye bohle, a re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A etsa jwalo; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.
11. Ba tlala bohale, mme ba rera hammoho seo ba tla se etsa ho Jesu.
12. Matsatsing ao, a tswela thabeng ho rapela, mme a qeta bosiu a ntse a rapela Modimo.
13. Ha letsatsi le tjhabile, a bitsa barutuwa ba hae, mme hara bona a ikgethela ba bang ba leshome le metso e mmedi, bao a ba reileng baapostola.
14. Ke Simone, eo a mo reileng Petrose, le Andrease, ngwanabo, Jakobo le Johanne, Filipi le Bartholome;
15. Matheu le Thomase, Jakobo, mora Alfea, le Simone, ya reilweng Selote;