9. A rialo kahobane tshwaso eo ya dihlapi e ne e mo makaditse, le bohle ba nang le yena.
10. Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho.
11. Mme ha ba buseditse dikepana lebopong, ba tlohela tsohle, ba mo latela.
12. Eitse ha a le motseng o mong, monna ya tletseng lepera, ha a bona Jesu, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo rapela, a re: Morena, ha u rata, o na le matla a ho nntlafatsa.
13. A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.
14. A mo laela, a re, a se ke a bolella motho, a re: O mpe o yo ipontsha ho moprista, mme o ananele ho ntlafala ha hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e tle e be bopaki ho bona.
15. Botumo ba hae ba eketsa ho ata, mme matshwele a maholo a tla hammoho ho mo utlwa, le ho fodiswa malwetse a bona ke yena.
16. Haele yena, o ne a dula mafeelleng, a ntse a rapela.
17. Ka tsatsi le leng, Jesu o ne a ruta; bafarisi le baruti ba molao, ba tswang metsaneng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, ba ne ba dutse ho yena, mme matla a Morena a ne a bonahala ka ho fodisa.
18. Yaba ho tla banna ba jereng ka diphate motho ya omeletseng ditho, ba leka ho mo kenya ka tlung, a tle a bewe pela Jesu.