Luka 5:25-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Eo a phakisa a ema pontsheng ho bona, a nka diphate tseo a neng a robetse ho tsona, a ikela tlung ya hae a ntse a rorisa Modimo.

26. Ba hlollwa kaofela, ba rorisa Modimo, mme ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.

27. Kamora tseo, a tswa moo, a bona molekgetho, ya bitswang Levi, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena: Ntatele!

28. Yena a tlohela tsohle, a ema, a mo latela.

29. Levi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme ho ne ho le sehlopha se seholo sa balekgetho, le sa ba bang ba dutseng le bona dijong.

30. Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?

31. Jesu a araba, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batlwa ke ba kulang.

32. Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.

33. Yaba ba re ho yena: Barutuwa ba Johanne ba itimelang dijo hangata, ba etsetsang merapelo, le ba bafarisi ba etsetsang jwalo le bona, kanthe ba hao ba ja, ba nwa?

34. A re ho bona: Na le ka re, balekane ba monyadi ba itime dijo, ha monyadi a sa na le bona na?

35. Empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.

36. Hape, a ba bolella setshwantsho, a re: Ha ho motho ya ka tabolang setsiba seaparong se setjha ho se rokella seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, se setjha se ka hahola se tsofetseng; hape, setsiba se setjha se ke ke sa dumellana le ho tsofetseng.

37. Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; ha ho ka etswa jwalo, veine e ntjha e ka phatlola makuka, ya tsholoha, mme makuka a senyeha.

38. Empa veine e ntjha e tshelwa makukeng a matjha, mme a bolokana hammoho le yona.

39. Hape, ha ho motho, ekareng ha a enwa veine ya kgale, ya ka phakisang a batla e ntjha; hobane o re: Ya kgale e fetisa ka monate.

Luka 5