7. Mme jwale, wena, ha o kgumama pela ka, tsohle e tla ba tsa hao.
8. Jesu a mo araba a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe. O tla kgumamela Morena, Modimo wa hao, o sebeletse yena feela.
9. Jwale, Diabolose a mo isa Jerusalema, a mmea hlorong ya tempele, a re ho yena: Ekare ha o le Mora Modimo, o itihele fatshe o le mona;
10. hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a hae, a o boloke;
11. mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.
12. Jesu a mo araba, a re: Ho boletswe, ho thwe: O se ke wa leka Morena, Modimo wa hao.
13. Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a mo tlohela, nako e nngwe e tle e be e fihle.
14. Yaba Jesu o boela Galelea ka matla a Moya; mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.