4. Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, o tla phela le ke dipolelo tsohle tsa Modimo.
5. Yaba Diabolose o mo isa thabeng e telele, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe ka motsotso o le mong.
6. Diabolose a re ho yena: Ke tla o nea borena boo bohle, le kganya ya mebuso eo, etswe ke di neilwe, mme ke di nea eo ke ratang ho mo nea.
7. Mme jwale, wena, ha o kgumama pela ka, tsohle e tla ba tsa hao.
8. Jesu a mo araba a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe. O tla kgumamela Morena, Modimo wa hao, o sebeletse yena feela.
9. Jwale, Diabolose a mo isa Jerusalema, a mmea hlorong ya tempele, a re ho yena: Ekare ha o le Mora Modimo, o itihele fatshe o le mona;
10. hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a hae, a o boloke;