Luka 4:32-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Ba ne ba tsota thuto ya hae; hobane a ne a bua ka borena.

33. Monna o ne a le teng sinagogeng, ya nang le moya wa motemona o ditshila; a howa ka lentswe le leholo,

34. a re: Tloha! taba ya rona le wena ke efe, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a o tseba hoba o mang: o Mohalaledi wa Modimo.

35. Jesu a kgalemela motemona, a re: Kgutsa, o tswe ho yena. Yaba motemona, hobane a mo dihele hare, a tswa ho yena, a sa mo ntshe kotsi.

36. Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?

37. Mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.

38. Yaba o tswa sinagogeng, a kena tlung ya Simone. Mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke febere e kgolo; ba mo rapella ho yena.

39. Jesu a inama hodima hae, a kgalemela febere, mme ya mo tlohela; mme a phakisa a tsoha, a ba sebeletsa.

Luka 4