Luka 4:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale Jesu, a tletse Moya o Halalelang, a tloha Jordane, a iswa ke Moya feelleng.

2. A lekwa teng ke Diabolose ka matsatsi a mashome a mane, a sa je letho ka matsatsi ao; a ntoo lapa ho feleng ha wona.

3. Yaba Diabolose o re ho yena: Ekare ha o le Mora Modimo, ere, lejwe lena le fetohe bohobe.

4. Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, o tla phela le ke dipolelo tsohle tsa Modimo.

5. Yaba Diabolose o mo isa thabeng e telele, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe ka motsotso o le mong.

Luka 4