Luka 3:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Jwale, kahobane setjhaba se ne se dutse ka tebello, bohle ba hakanya ka dipelong tsa bona, ka ho re: Na mohlomong Johanne e ke se be ke yena Kreste,

16. Johanne a ba araba bohle, a re: Nna, ke fela ke le kolobetsa ka metsi; empa e mong o a tla, ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

17. Seoloso sa hae se letsohong la hae, mme seotlo sa hae o tla se fiela ruri; o tla bokella koro modikong wa hae; haele mooko, o tla o tjhesa mollong o sa timeng.

18. A nna a ba kgothatsa le ka ditaba tse ding tse ngata, a ntse a bolella setjhaba Evangeli.

19. Empa, eitse hoba Heroda moteterareke a kgalemelwe ke Johanne, bakeng sa Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le bakeng sa tsohle tse mpe tseo a neng a di entse,

20. a eketsa tsohle tseo ka ho kenya Johanne teronkong.

21. Yare ha batho bohle ba kolobetswa, Jesu a kolobetswa le yena; ha a ntse a rapela, lehodimo le phetlwa,

22. mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.

Luka 3