17. A re ho bona: Le ntse le buisana ka taba dife le ntse le tsamaya, le bileng le swabile hahakale?
18. E mong, lebitso la hae e le Kleopa, a araba, a re: Ke wena o le mong hara ba ahileng Jerusalema ya sa tsebeng taba tse hlahileng teng tshiung tsena?
19. A re ho bona: Dife? Ba re: Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla mesebetsing le dipolelong tsa hae pela Modimo le pela setjhaba sohle;
20. le kamoo baprista ba baholo le babusi ba rona ba mo neetseng kateng, ho ahlolelwa lefu, ba ba ba mo thakgisa.
21. Haele rona, re ne re tshepile hobane ke yena ya tla lopolla Iseraele; leha ho le jwalo, e se e le letsatsi la boraro taba tseo di hlahile.
22. Kwana, basadi ba bang ba sehlopha sa rona ba re makaditse haholo; ba ile lebitleng e sa le ka meso,
23. mme ha ba ka ba fumana setopo sa hae, ba ba ba tla, ba bolela hore ba bone mohlolo wa mangeloi a itseng, o a phela.
24. Ba bang ba rona ba ile lebitleng, mme ba fihletse ho le jwalokaha basadi ba boletse; empa yena, ha ba ka ba mmona.
25. Yaba o re ho bona: Jo! batho ba se nang kutlwisiso, ba pelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta!
26. Hleka e ne e se tshwanelo hore Kreste a utlwiswe bohloko boo, a ntoo kena kganyeng ya hae na?
27. Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona.
28. Ba atamela motsana oo ba yang ho wona; empa Jesu a etsa jwaloka hoja a fetela pele.
29. Ba mo qophella, ba re: Hlola le rona, hobane e se e le mantsiboya, le letsatsi le se le rapame. A ba a kena, a dula le bona.
30. Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.
31. Yaba mahlo a bona a tutuboloha, mme ba mo tseba; empa a ba nyamella.
32. Ba ba ba bolellana, ba re: Ana dipelo tsa rona di ne di sa tjhese kahare ho rona, ha a ntse a bua le rona tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?
33. Ka yona nako eo ba tloha, ba kgutlela Jerusalema, mme ba fihlela ba leshome le motso o mong ba phuthehile le ba nang le bona, ba re: