1. Ka tsatsi le qalang veke, e sa le kameso, ba ya lebitleng ho isa dinoko tseo ba di lokisetseng, ba ena le ba bang.
2. Empa ba fihlela lejwe le phikolositswe lebitleng.
3. Yare hobane ba kene, ha ba ka ba fumana setopo sa Morena Jesu teng.
4. Ba re ba sa tsielehile ke hoo, bonang, banna ba babedi ba ne ba eme pela bona ka diaparo tse hadimang.