Luka 23:29-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. hobane, bonang, mehla e a tla eo ho tla thwe: Ho lehlohonolo dinyopa, le mala a sa kang a tswala, le matswele a sa kang a anyesa.

30. Mohlang oo, ba tla qala ho re ho dithaba: Le re wele hodimo; le ho maralla: Le re pupetse;

31. hobane ekare ha ba etsa tseo ho sefate se setala, ho tla etswa jwang ho se omileng?

32. Mme ba ne ba isa le ba bang ba babedi e leng disenyi, ho ya bolawa le yena.

33. Eitse hobane ba fihle thoteng e bitswang Lehata, ba mo thakgisa moo le disenyi tseo, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.

34. Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.

35. Batho ba ne ba eme ba tadimile; babusi le bona ba ne ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; a a ipholose le yena, haele yena Kreste, mokgethwa wa Modimo!

36. Le bona bahlabani ba ne ba mo soma, ba mo atamela, ba mo nea asene;

37. ba re: Ekare ha o le morena wa Bajuda, o ipholose.

38. Hape, ho no ho manehilwe lengolo kahodimo ho yena, le ngodilweng ka diletere tsa Segerike, le tsa Seroma, le tsa Seheberu, le reng: Enwa ke morena wa Bajuda.

39. Se seng sa disenyi tse thakgisitsweng se ne se mo soma le sona, se re: Ekare haele wena Kreste, o ipholose, le rona o re pholose.

40. Empa se seng sa kgalemela seo, sa re: Na wena ha o tshabe Modimo keng, kanthe o tsuong e le nngwe le enwa?

41. Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.

42. Yaba se re ho Jesu: Morena, o nkgopole ha o kena mmusong wa hao!

43. Jesu a re ho sona: Kannete ke re ho wena: O tla ba le nna kajeno Paradeiseng.

44. E ne e le hora e batlileng ho tshelela, mme lefifi la eba teng naheng yohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.

45. Letsatsi la fifala, mme lesela la tempele la hahoha ka lehare.

46. Jesu hobane a meketse ka lentswe le leholo, a re: Ntate, ke neela moya wa ka matsohong a hao! Eitse hobane a rialo, a neela moya.

Luka 23