1. Jwale ba phuthehileng kaofela ba ema, ba mo isa ho Pilato.
2. Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena.
3. Yaba Pilato o mmotsa, a re: Na ke wena morena wa Bajuda na? Jesu a araba, a re: O a bolela.
4. Pilato a bolella baprista ba baholo le bongata, a re: Ha ke fumane molato ho motho eo.
5. Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona.
6. Pilato, ha a utlwa ba bolela Galelea, a botsa hore na ke motho wa Galelea na?7 Eitse ha a utlwile hoba ke wa mmuso wa Heroda, a mo romela ho Heroda, ya neng a le Jerusalema mehleng eo le yena.
8. Heroda, eitse ha a bona Jesu, a thaba haholo; hobane e ne e le kgale a rata ho mmona, ka baka la taba tse ngata tseo a di utlwileng hodima hae; o ne a tshepa hoba o tla mmona a etsa mohlolo o mong.
9. A mmotsa ditaba tse ngata; empa Jesu ha a ka a mo araba letho.
10. Baprista ba baholo le bangodi ba ema, ba mo qosa ka matla.
11. Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato.
12. Ka lona letsatsi leo, Pilato le Heroda ba qala ho ratana; athe pele ba ne ba hloyane.
13. Jwale Pilato a bokella hammoho baprista ba baholo, le mahosana, le setjhaba;