Luka 21:16-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Le tla ekwa le ke batswadi ba lona, le ke banababo lona, le bahabo lona, le metswalle ya lona; ba tla bolaya ba bang ho lona;

17. mme le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.

18. Empa qoba leha e le nngwe ya moriri wa dihlooho tsa lona, e ke ke ya timela.

19. Le tla boloka meya ya lona ka sebete sa lona.

20. Etlare ha le bona Jerusalema o teetswe hare ke makgotla a dira, le tsebe hoba tshenyeho ya wona e se e atametse.

21. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng; ba hara Jerusalema ba tswe; ba naheng ba se ke ba kena teng.

22. Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngodilweng di phethahale.

23. Empa ho tla ba madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo, hobane tsietsi e tla ba kgolo lefatsheng, mme bohale bo tla wela setjhaba sena.

24. Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.

25. Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.

26. Batho ba tla neela moya ke tshabo le ke tebello ya tse tla tla lefatsheng; hobane tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.

Luka 21