Luka 20:7-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ba araba, ba re: Ha re tsebe moo e tswang teng.

8. Yaba Jesu o re ho bona: Le nna nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.

9. Yaba o qala ho bolella batho setshwantsho sena: Motho wa horeng o ne a hlome tshimo ya merara; a e laeletsa balemi, a ntoo eta ka tshiu tse teletsana.

10. Ka nako ya ho kotula, a romela mohlanka wa hae ho balemi, hore ba mo fe ditholwana tsa merara; empa balemi ba mo otla, mme ba mo kgutlisa a le feela.

11. A eketsa a roma mohlanka e mong; le yena ba mo otla, ba mo hlabisa dihlong, mme ba mo kgutlisa a le feela.

12. A eketsa a roma wa boraro; mme hobane ba mo ntshe kotsi, ba mo lelekisa.

13. Yaba monga tshimo ya merara o re: Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka, eo ke mo ratang; ha ba mmona, ekaba ba tla mo hlonepha.

14. Empa balemi, yare ha ba mmona, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.

15. Eitse hobane ba mo lahlele kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya. Mme jwale, monga tshimo ya merara o tla ba etsa jwang?

16. O tla tla, a timetse balemi bao; mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Ha ba utlwa hoo, ba re: ho se ke ha eba jwalo!

17. A mpa a ba tjamela, a re: Mme ke eng hona ho ngodilweng: Lejwe le lahlilweng ke dihahi, ke lona le entsweng la motheo la sekgutlo?

Luka 20