27. Yaba ba bang ba basadusi, ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa,
28. ba re: Moruti, Moshe o re ngoletse, a re: Moholwane wa motho ha a shwele a ena le mosadi, empa a se na bana, e ka kgona moenae a nke mohlolohadi eo wa hae, a tle a hlahisetse ngwanabo bana.
29. Jwale, bara ba motho ba ne ba le teng, ba supile; wa pele ho bona a nyala mosadi, a shwa a se na bana.
30. Wa bobedi a nka mosadi eo, mme a shwa a se na bana le yena.
31. Le wa boraro a mo nka; mme ha eba jwalo ho bona ba supileng: ba eshwa, ba sa siye bana.
32. Kamora bona kaofela, le yena mosadi eo a shwa.
33. Hleka mohla tsoho ya bafu, mosadi e tla ba wa ofe ho bona, haele moo ba supileng ba ne ba mo nyetse?
34. Jesu a araba, a re ho bona: Bana ba lefatshe lena ba nyala, mme ba nyalwa;
35. empa ba tlang ho newa tokelo ya ho bona lefatshe le tlang le tsoho ya bafu, ba ke ke ba nyala, le hona ba ke ke ba nyalwa.
36. Hobane ha ba sa tla hlola ba eshwa; hobane ba tla tshwana le mangeloi, mme e tla ba bara ba Modimo, ha e se e le bara ba tsoho.
37. Haele hobane bafu ba tla tsoha, Moshe le yena o ho bonahaditse, mohla a leng pela sehlahla, ha a bitsa Morena, Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo.